Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.
Numere 13:22 - BIBELE Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba kena ka nqa borwa, ba fihla Hebrone, moo ho neng ho ahile bana ba Anake, boAkimane, Sheshai, le Talmai. Hebrone o ne a hahilwe dilemo tse supileng, motse wa Tsoane wa Egepeta, o eso ho be teng. |
Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.
Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.
Ha tsena di fetile, Davida a botsa Morena, a re: “Na nka nyolohela ho o mong wa metse ya Juda?” Morena a re ho yena: “Nyoloha.” Davida a re: “Ke nyolohele ho ofe?” Morena a re: “Nyolohela Heborone.”
Davida a busa ba morabe wa Juda, a le Heborone, ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.
Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.
Naheng ya Egepeta, thoteng tsa Sowane, a etsa dimakatso pontsheng, pontsheng ya bo-ntata bona.
Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”
Mahosana a Sowane a thotofetse, mahosana a Nofe a thetsehile, bao e leng tshiya tsa setjhaba ba kgelositse Egepeta.
Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.
Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.
Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”
Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: ‘Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?’
Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo.
Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona,
Jwale ba morabe wa Juda ba futuhela Bakanana ba neng ba ahile Heborone. Pele ho mona, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba. Ba hlola Sheshai, le Ahimane, le Talamai.
le ba Heborone, le ba dibaka tsohle tseo Davida le banna ba hae ba kileng ba hlwahlwaela ho tsona.