Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.
Numere 12:13 - BIBELE Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o hooeletsa ho Jehova, a re: Oho Modimo, ke a o rapela, mo fodise hle! |
Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.
Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.
Ke a o tumisa, Morena, hobane o mpholositse; ha o a ka wa tlohela dira tsa ka ho ithabisa ka nna.
Morena o tla mo thusa diphateng tsa lefu, a nne a fetole diphate tsa hae, a di fetole ha a ntse a kula.
mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”
“Yaba Morena o re: ‘Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.’ A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele.
Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.
Mphodise, Morena, mme ke tla fola, mpholose, Morena, mme ke tla pholoha, hobane ke wena eo ke mo rorisang.
Meriama a se ke a ba jwaloka sefolotsana se tswang popelong ya mma sona, dinama tse ding tsa sona di jeehile.”
Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”
Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.
Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.
“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.