Numere 11:26 - BIBELE Empa banna ba babedi ba ne ba setse diahelong. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Eledade, la e mong e le Medade. Le bona Moya o ile wa dula hodima bona. E ne e le ba bang ba ba neng ba ngotswe bukeng, empa bona ba sa ka ba ya ka Tenteng ya Morena; yaba bona ba porofeta ba le diahelong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ne ho setse banna ba babedi diahelong, lebitso la e mong e le Eldade, la e mong e le Medade, mme moya wa dula hodima bona; leha e ne e le ba kgethilweng, ba ne ba sa ka ba ya tenteng; mme ba porofeta diahelong. |
Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.
Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”
Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena;
Mohlankanyana a matha, a bolella Moshe, a re: “Bo-Eledade le Medade ba ntse ba porofeta ka diahelong!”
Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,
Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?” Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.”
Moya wa Morena o tla theohela hodima hao ka matla, mme le wena o tla porofeta jwaloka bona, o fetohe motho e mong osele.
Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.”