Numere 11:14 - BIBELE Ke sitwa ho jara setjhaba sena sohle ke le mong, hobane se nkimela haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Nna ke nnotshi, ke sitwa ho jara setjhaba sena kaofela, hobane se nkimela ruri. |
Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong.
Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.
Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano.
Ho ba yang timelong ke monko wa lefu, o bolayang; ho ba yang pholohong ke monko wa bophelo, o phedisang. Jwale ke mang ya loketseng tsee?