Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
Numere 10:21 - BIBELE Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla. Sesotho 1909/1961 (SO) Bakehathe ba tloha le bona, ba jere dintho tse kgethehileng; mme ho ne ho emiswa tabernakele, ba ntse ba lebeletswe ho fihla. |
Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.
Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.
“Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.
empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.”
Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.