Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’
Numere 1:36 - BIBELE Ha balwa bana ba Benjamine ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo. |
Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’
Bara ba Benjamine ke Bela, le Bekere, le Ashebele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Mupime, le Hupime, le Arada.
“Benjamine ke phiri e harolakang, hoseng e kgetshela tse bolailweng, mantsiboya e arola kgapo ya yona.”
Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Eleada wa mohale, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse makgolo a mabedi, ba hlomelang ka dithebe le ka diqha.
Ba morabe wa Manase ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi.
Ba morabe wa Benjamine ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane.
lelokong la Sebulone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Josefa, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Benjamine, ba dikete tse leshome le metso e mmedi.
Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng.