La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 1:33 - BIBELE

Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba ngotsweng ba leloko la Efraime ya eba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.

Ver Capítulo



Numere 1:33
7 Referencias Cruzadas  

Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”


“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Ha balwa bana ba Manase ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Palo ya ba badilweng ba lebotho la hae ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano.


Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’