Ha balwa bana ba Isakare ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.
Numere 1:29 - BIBELE Ba morabe wa Isakare ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ngotsweng ba leloko la Issaskare ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e mene, tse nang le makgolo a mane. |
Ha balwa bana ba Isakare ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.
Ha balwa bana ba Sebulone ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.
Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane.
Ana ke malapa a morabe wa Isakare, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mene le makgolo a mararo.