Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”
Numere 1:20 - BIBELE Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng. |
Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”
Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.
Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.
Ba morabe wa Rubene ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.