Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.
Mattheu 25:24 - BIBELE “Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa; Sesotho 1909/1961 (SO) Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng. Baasraak Sotho NT Jwale ya amohetseng talenta e le nngwe a tla, a re: “Morena, ke o tsebile hore o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa jalla teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ya amohetseng talenta e le nngwe a tla, a re: “Morena, ke o tsebile hore o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa jalla teng. |
Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.
“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’
Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome.
ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’
ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!’
“Monga hae a mo araba, a re: ‘Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa.
“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
Empa a araba, a re ho ntatae: ‘Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka,
Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: ‘Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.’
Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.
Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”