Mareka 7:4 - BIBELE mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, leha ba etswa moo ho rekelwang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekgwa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, le dipitsa, le merifi ya koporo, le malao. Baasraak Sotho NT Empa ha ba etswa mmarakeng, ha ba je, ba eso ka ba itlhatswa; Le tse ding tse ngata di teng, tseo ba di amohetseng hore ba di boloke, ke ho hlatswa mehope, le dipitsa, le dipitsa tsa koporo, le ditafole. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ba etswa mmarakeng, ha ba je, ba eso ka ba itlhatswa; Le tse ding tse ngata di teng, tseo ba di amohetseng hore ba di boloke, ke ho hlatswa mehope, le dipitsa, le dipitsa tsa koporo, le ditafole. |
Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.
Yaba ke bea kapele ho ba morabe wa Barekabe dinkgo tse tletseng veine, ka bea le mehope, ka re ho bona: “Nwaang veine ke ena.”
Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?
“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro.
Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.
Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”
Jwale dinkgo tse tsheletseng, tsa lejwe, tseo e nngwe le e nngwe ya tsona e neng e tlatswa ka dilethara tse ka bang lekgolo, di ne di beilwe moo ho ya ka moetlo wa tlhwekiso wa Bajuda.
Ha hlaha kgang pakeng tsa barutuwa ba Johanne le Mojuda e mong ka tsa moetlo wa tlhwekiso.
Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.
Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.
Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.