Mareka 5:4 - BIBELE hobane o ne a hlola a tlangwa ka mahlaahlela le ka diketane, ebe diketane o a di ngamolla, mahlaahlela a a kgaole dikotwana. Ho ne ho se ya ka mo hlolang ka matla. Sesotho 1909/1961 (SO) hobane o ne a se a ile a tlangwa hangata ka ditshepe le ka mahlaahlela, a mpa a roba mahlaahlela, a tula ditshepe; ho ne ho se motho ya tsebang ho mo thapisa. Baasraak Sotho NT Hobane o ne a atisa ho tlangwa ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, mme diketane a di kgaole, le mahlaahlela a kgaole dikoto, ho se motho ya mo thapisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a atisa ho tlangwa ka mahlaahlela le ka mahlaahlela, mme diketane a di kgaole, le mahlaahlela a kgaole dikoto, ho se motho ya mo thapisang. |
Kamehla, bosiu le motsheare, o ne a howa a le hara mabitla le dithabeng, mme a itsheha ka majwe.
Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.