Mareka 4:9 - BIBELE Yaba o re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme a re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe. |
Yare ha a le inotshi, ba neng ba ena le yena, mmoho le ba leshome le metso e mmedi, ba mmotsa tsa ditshwantsho tsena.
Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, ya mela, ya hola, ya beha, e nngwe tse mashome a mararo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse lekgolo.”
Ha ho le jwalo, hlokomelang kamoo le utlwang kateng, hobane mang le mang ya nang le letho o tla ekeletswa, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a hopolang hore o na le sona.”
“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.”
“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”