Mareka 4:2 - BIBELE A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona: Sesotho 1909/1961 (SO) A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae, a ba bolella, a re: Baasraak Sotho NT A ba ruta dintho tse ngata ka ditshwantsho, mme a bua le bona thutong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba ruta dintho tse ngata ka ditshwantsho, mme a bua le bona thutong ya hae. |
Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse.
Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse;
Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?
A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho,