Mareka 4:1 - BIBELE Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle. Baasraak Sotho NT A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng. mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle. |
Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;
Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,
Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding.
Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla,
Hoba Jesu a tshelele hape mose wane ka sekepe, letshwelehadi la mmokanela a le pela letsha.