Mareka 2:7 - BIBELE “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?” Sesotho 1909/1961 (SO) Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi? Baasraak Sotho NT Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela? |
Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.
Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.
Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.
Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?” Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu.
Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?
Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”
Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?”
Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”
Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’?