Mareka 13:3 - BIBELE Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re: Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, mabapa le tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, ba mmotsa kathoko, Baasraak Sotho NT Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, mabapa le tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, ba mmotsa boinotshing. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, mabapa le tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, ba mmotsa boinotshing. |
Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.”
Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing.
Ha ba atamela Jerusalema, mme ba fihla Bethefage, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma barutuwa ba babedi,
Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”
Jakobo le Johanne, bara ba babedi ba Sebedea, ba tla ho Jesu, ba re: “Moruti, re batla o re etsetse seo re tla o kopa sona.”
“Ako re bolelle: Dintho tseo di tla etsahala neng? Pontsho e tla be efe ha tseo tsohle di phethahala?”
A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.
O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.
A se ke a dumella motho ho mo felehetsa, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo Jakobo.
Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona thabeng e telele ba le bang, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona;