La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mareka 13:1 - BIBELE

Ha Jesu a etswa ka Tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: “Moruti, ako bone: ke majwe a makaakang le mehaho e makaakang!”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A re a sa tloha tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Moruti, bona, ke majwe a makakang, le mehaho e mekakang!

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha a etswa tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Moruti, bona, ke majwe a makakang, le mehaho e mekakang!

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha a etswa tempeleng, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Moruti, bona, ke majwe a makakang, le mehaho e mekakang!

Ver Capítulo



Mareka 13:1
9 Referencias Cruzadas  

Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale.


Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona.


Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.


Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”