Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.
Mareka 11:3 - BIBELE Ha motho a ka re ho lona: ‘Keng ha le etsa tjee?’ ereng: ‘Morena o a e hloka, mme o tla e kgutlisetsa kwano kapelepele!’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha motho a re ho lona: Le etsetsang jwalo? Le re: Morena o a e hloka; mme o tla be a phakise a e romele kwano. Baasraak Sotho NT Ekare ha motho a re ho lona: Le etsetsang hoo? le re: Morena oa e hloka; mme o tla akofa a mo romela kwano. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha motho a re ho lona: Le etsetsang hoo? le re: Morena oa e hloka; mme o tla akofa a mo romela kwano. |
Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.
Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.
a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise.
Ba ya, mme ba fumana petsana e holehilwe, kantle, pela monyako, tseleng ya motse, mme ba e lokolla.
O tla le bontsha kamore e kahodimo, e lokisitsweng, e kgolo, e nang le thepa. Le re lokisetse hona teng.”
Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,
O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.
Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.