Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.
Mareka 11:1 - BIBELE Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae, Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba se ba atametse Jerusalema, le Bethefage, le Bethania, thabeng ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi, Baasraak Sotho NT Eitse ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, thabeng ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, thabeng ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi, |
Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.
Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.
Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”
a re ho bona: “Eyang motsaneng o kapele ho lona, mme hanghang ha le kena ho wona, le tla fumana petsana e holehilweng, e esong ho palangwe ke motho le ka mohla. Le e lokolle, le e tlise.
Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, malebana le Tempele, Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease ba mmotsa boinotshing, ba re:
Yaba o roma barutuwa ba babedi, a re ho bona: “Eyang motseng, mme le tla kgahlana le monna ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng.
Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila.
Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.