Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.
Mareka 10:1 - BIBELE Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a tloha moo, a ya meeding ya Judea, mose ho Jordane; bongata ba boela ba bokana ho yena, mme a boela a ba ruta jwalokaha e ne e le mokgwa wa hae. Baasraak Sotho NT Jesu a tloha teng, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane; mme a boela a ba ruta jwalokaha a ne a tlwaetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tloha teng, a ya naheng ya Judea, mose wane wa Jordane; mme a boela a ba ruta jwalokaha a ne a tlwaetse. |
Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.
Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka.
Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
Bafarisi ba tla ho yena, ba mmotsa ka ho mo leka, hore na ho a dumelleha hore motho a hlale mosadi wa hae.
Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida?
Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”
Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!
Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.
A boela a tloha a ya mose ho Jorodane, sebakeng seo Johanne a neng a kolobeletsa ho sona pele, a hlola teng.
Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.