Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.”
Luka 9:10 - BIBELE Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida. Baasraak Sotho NT Yare ha baapostola ba kgutlile, ba mo phetela tsohle tseo ba di entseng. Yaba o a ba nka, a ikela thoko boinotshing nqalong e kathoko, ya motse o bitswang Bethsaida. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha baapostola ba kgutlile, ba mo phetela tsohle tseo ba di entseng. Yaba o a ba nka, a ikela thoko boinotshing nqalong e kathoko, ya motse o bitswang Bethsaida. |
Yaba motho ya emeng hara difate tsa mohlakola o a araba, o re: “Batho bana ke bao Morena a ba rometseng ho tsamaya le lefatshe lohle.”
A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.
“Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”
Jwale ba mashome a supileng a metso e mmedi ba kgutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rona ka baka la lebitso la hao!”
Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.