Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
Luka 8:53 - BIBELE Ba mo ja ditsheho, kaha ba ne ba tseba hore o shwele. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ba mo tsheha, hobane ba ne ba tseba hoba o shwele. Baasraak Sotho NT Mme ba mo tsheha, ba tseba hobane o shwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba mo tsheha, ba tseba hobane o shwele. |
Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.
Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”
Jesu a re: “Tlosang letlapa.” Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”