mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”
Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,
Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola.
a ema kamorao, maotong a Jesu, a ntse a lla, a qala ho mo tshela maoto ka dikgapha, a a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae, a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.
Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.
Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.