Luka 7:43 - BIBELE Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.” Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Simone a mo araba, a re: Nka re: Ke ya tloheletsweng ho hoholo. Jesu a re ho yena: O ahlotse hantle. Baasraak Sotho NT Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo tshwaretseng boholo. A re ho yena: O ahlotse hantle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Simone a araba, a re: Ke lekanya hore ke eo a mo tshwaretseng boholo. A re ho yena: O ahlotse hantle. |
Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa.
Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela.
Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?”
Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.
Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”