Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”
Luka 7:34 - BIBELE Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’ Sesotho 1909/1961 (SO) Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe. Baasraak Sotho NT Mora motho o tlile a eja, a enwa; mme le re: Bonang motho wa sejato, le monwi wa veine, motswalle wa balekgetho le baetsadibe! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mora motho o tlile a eja, a enwa; mme le re: Bonang motho wa sejato, le monwi wa veine, motswalle wa balekgetho le baetsadibe! |
Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”
Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?
Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?”
Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.
Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”
Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona.
“Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: ‘O na le modemona.’
E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja.
Ba mo etsetsa dijo teng, Maretha a ba fepa, mme Lasaro e ne e le e mong wa ba nang le yena dijong.