Luka 7:23 - BIBELE ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ho lehlohonolo ya sa tlo ka a kgoptjwa ho nna. Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ya sa kgoptjweng ke nna. |
Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,
A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;
Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?
Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.