Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa.
Luka 6:9 - BIBELE Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na? Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe; Na ho lumelletsoe ho etsa hantle kapa ho etsa bobe ka sabatha? ho pholosa bophelo, kapa ho bo timetsa? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Ke tla le botsa taba e le nngwe; Na ho lumelletsoe ho etsa hantle kapa ho etsa bobe ka sabatha? ho pholosa bophelo, kapa ho bo timetsa? |
Yaba o re ho bona: “Na ho a dumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha, ho pholosa motho kapa ho mmolaya?” Empa ba kgutsa.
Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”
A ba ya ka mahlo bohle; a re ho yena: “Otlolla letsoho la hao!” A etsa jwalo, yaba letsoho la hae le a fola.
Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema.