Luka 6:5 - BIBELE A re ho bona: “Mora Motho ke morena wa Sabatha.” Sesotho 1909/1961 (SO) A ba a re ho bona: Mora motho ke morena le wa Sabatha. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Mora motho ke Morena le wa Sabatha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Mora motho ke Morena le wa Sabatha. |
Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.”
kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme a nka bohobe bo halalelang, a bo ja, a fa le bao a neng a ena le bona, e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?”
Jwale ha etsahala ka Sabatha se seng hore Jesu a kene ka tlung ya thapelo, a rute. Ho ne ho ena le motho teng ya shweleng letsoho le letona.
Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,