Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.
Luka 6:11 - BIBELE Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu. Baasraak Sotho NT Mme ba tlala bohlanya; mme ba botsana hore na ba ka etsa Jesu jwang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba tlala bohlanya; mme ba botsana hore na ba ka etsa Jesu jwang. |
Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.
Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona.
A ba ya ka mahlo bohle; a re ho yena: “Otlolla letsoho la hao!” A etsa jwalo, yaba letsoho la hae le a fola.
Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?
Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko.”
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.
Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi.