Luka 5:13 - BIBELE Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang. Sesotho 1909/1961 (SO) A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena. Baasraak Sotho NT A otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la tloha ho yena hang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la tloha ho yena hang. |
Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.
Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”
Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.
Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.
Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.
Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.
Jesu a inamela ho yena, a kgalemela feberu, mme ya mo tlohela; a tsoha hanghang, a nto ba sebeletsa.
Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”
Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”