Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.
Luka 4:42 - BIBELE Yare ha bo sele Jesu a tswa, a ya nahathothe, mme matshwele a mmatla, a tla ho yena, a mo thiba, hore a se ke a tloha ho wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Letsatsi ha le tjhaba, a tswa, a ya feelleng. Matshwele a mmatla. Mme ha ba mo fihlela, ba ne ba re, ba mo thibela hore a se ke a tloha ha bona. Baasraak Sotho NT Eitse ha ho esa, a tloha, a ya feelleng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha ho esa, a tloha, a ya feelleng; |
Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.
Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.
Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.
Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.
Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi.
Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu.