Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.
Luka 4:22 - BIBELE Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na? Baasraak Sotho NT Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na? |
Pelong ya ka ho tletse taba tse monate, ke bolela tseo ke di qapetseng kgosi, leme la ka le ka lesiba la sengodi, siba la sengodi se mahlahahlaha.
Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema.
Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.
Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.”
hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.
Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”
mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: ‘Ke theohile lehodimong’?”
O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.