Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Luka 24:6 - BIBELE Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, Sesotho 1909/1961 (SO) Ha a yo mona, empa o tsohile. Hopolang kamoo a le boleletseng kateng, ha a sa le Galelea, Baasraak Sotho NT Ha a yo mona, o tsohile; hopolang kamoo a buileng le lona kateng, a sa le Galelea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha a yo mona, o tsohile; hopolang kamoo a buileng le lona kateng, a sa le Galelea. |
Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.
ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’
Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.
Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.
Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.
Yare ha ba tshoha, mme ba tadima fatshe, banna bao ba re ho bona: “Ya phelang le mmatlelang hara bafu?
a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”
“Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”
Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.