Luka 24:41 - BIBELE Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na? Baasraak Sotho NT Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa dumela ka baka la thabo, ba ntse ba makala, a re ho bona: Na le na le ntho e jewang mona? |
Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Ba ne ba ena le ditlhatswana tse seng kae; yare hoba a di hlohonolofatse, a re le tsona tseo di ajwe.
Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.
La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng.