Luka 23:9 - BIBELE Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba. Sesotho 1909/1961 (SO) A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho. Baasraak Sotho NT A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A mmotsa ka mantswe a mangata; empa a se ke a mo araba letho. |
O ila tlatlapuwa, a ikokobetsa ha a hlokofatswa, empa ha ho letho leo a ila le bua; a qhojwa sa konyana ha e iswa tlhabong, mme jwalokaha nku e sa lle ha e kutwa, le yena ha ho letho leo a ila le bua.
Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa.
“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”
A re ho bona: “Eyang, le bolelle phokojwe eo, le re: ‘Bona, kajeno ke leleka bademona, mme ke a fodisa, le hosasane ke tla etsa jwalo, empa ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’
A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.
Temana ya Mangolo eo a neng a e bala e ne e le ena: “O ila iswa moo a ilo hlabelwa teng, mme jwaloka konyana e kgutsitseng, e kgutsitseng pela mokuti wa yona, le yena ha ho letho leo a ila le bua.
Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.