mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.
Luka 23:5 - BIBELE Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona. Baasraak Sotho NT Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona. |
mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.
A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.
Ke kgathetse ke ho meketsa, ke se ke tjhele lentswe; mahlo a ka a se a fifetse ke ho nna ke lebella Modimo.
Yare ha Jesu a qetile ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha moo ho ya ruta le ho phatlalatsa molaetsa o molemo metseng ya habo bona.
Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,
Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,
Hoba a tlohe moo, Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho mo hlonamela hampe, ba leka ho mmuisa tse ngata,
Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola.
Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”
Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”
Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”
Le tseba se etsahetseng Judea yohle, ho qala Galelea, kamora kolobetso e ileng ya phatlalatswa ke Johanne;
Ha kgang e kgolo e loela, molaodi wa ba sekete, ka ho tshaba hore ba se tshohe ba tsekolla Paulosi, a laela hore bahlabani ba theohe, ba mo ntshe kahara letshwele, ba mo ise qhobosheaneng.