Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”
Luka 23:4 - BIBELE Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Pilato a bolella baprista ba baholo le bongata, a re: Ha ke fumane molato ho motho eo. Baasraak Sotho NT Pilato a re ho baprista ba baholo le ho bongata: Ha ke fumane molato ho monna enwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Pilato a re ho baprista ba baholo le ho bongata: Ha ke fumane molato ho monna enwa. |
Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”
Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”
A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”
Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.
Empa ha ke a fumana a entse letho le lokelwang ke lefu. Eitse yena ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka rera ho mo romela teng.
Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.
Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.
empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.
Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;