Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
Luka 22:8 - BIBELE Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: “Eyang, le re lokisetse Paseka, hore re tle re e je.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je. Baasraak Sotho NT A roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je. |
Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.
Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.
Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.
Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo.
Ha a bona Petrose le Johanne, ba le lekgatheng la ho kena ka Tempeleng, a kopa dithuso.
Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.
Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.
Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.