mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.”
Luka 22:11 - BIBELE Le re ho monga ntlo: ‘Moruti o re ho wena: Kamore e kae, eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka?’ Sesotho 1909/1961 (SO) mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona? Baasraak Sotho NT Le tle le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae, eo ke tla jela Paseka ho yona le barutuwa ba ka? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tle le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae, eo ke tla jela Paseka ho yona le barutuwa ba ka? |
mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.”
Moo a kenang teng, le re ho monga ntlo: ‘Moruti o re: Kamore eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka, e kae?’
Ha motho a ka le botsa, a re: ‘Le e lokollelang?’ le tla araba tjena: ‘Morena o a e hloka.’ ”
Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.”
A re ho bona: “Bonang, ha le kena motseng le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng ho ya tlung eo a kenang ho yona.
Motho eo o tla le bontsha kamore e kahodimo, e kgolo, e nang le thepa. Le lokisetse Paseka hona teng.”
Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.”
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.