Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”
Luka 21:16 - BIBELE Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla ekwa le ke batswadi ba lona, le ke banababo lona, le bahabo lona, le metswalle ya lona; ba tla bolaya ba bang ho lona; Baasraak Sotho NT Mme le tla neelwa le ke batswadi, le banababo lona, le beng ka lona, le metswalle; mme ba tla bolaya ba bang ho lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme le tla neelwa le ke batswadi, le banababo lona, le beng ka lona, le metswalle; mme ba tla bolaya ba bang ho lona. |
Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”
“Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi.
“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.
“Motho o tla ekelwa lefu ke ngwanabo, le ngwana ke ntatae, mme bana ba tla fetohela batswadi, ba ba bolaye.
“Ntata a lwantshane le mora, mora le ntatae, mma le moradi, moradi le mmae, matsale le ngwetsi, ngwetsi le matsalayo.”
hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.
Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”
Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.
o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.
Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bohlano, katlasa aletare ka bona meya ya ba ileng ba bolawa ka baka la lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki boo ba neng ba ena le bona.