La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 21:12 - BIBELE

“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.

Ver Capítulo



Luka 21:12
31 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.


Dintho tsena tsohle ke qaleho ya ditlokotsi.


Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.


Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.


Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle,


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.