Luka 21:11 - BIBELE Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong. Baasraak Sotho NT Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. |
Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang.
Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo fatshe, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.
“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.