Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?
Luka 20:9 - BIBELE Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana. Baasraak Sotho NT Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele. |
Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?
“Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.
Yaba o re: “Monna e mong wa leloko la borena o ne a ye lefatsheng le hole ho ya newa borena, a nto kgutla.
Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho.
“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.