La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 2:21 - BIBELE

Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho tla bolotsa ngwana ha a fetile, ba mo rea lebitso la Jesu, leo a neng a le reilwe ke lengeloi, a eso ho emolwe popelong.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho bolotswa ha ngwana, a rewa lebitso la Jesu, leo a le bitsitseng ke lengeloi, a eso ho emolwe.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi a ho bolotswa ha ngwana, a rewa lebitso la Jesu, leo a le bitsitseng ke lengeloi, a eso ho emolwe.

Ver Capítulo



Luka 2:21
9 Referencias Cruzadas  

Ngwana e mong le e mong wa hao e motona o tla bolotswa ha a ena le matsatsi a robedi; e mong le e mong e motona melokong yohle ya hao, le ya tswaletsweng tlung ya hao, le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ya sa tswalaneng le wena.


Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu.


Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.


Bona, o tla emola, o belehe mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.


Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.


O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.