Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Luka 19:5 - BIBELE Ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelalla sefateng, a re ho yena: “Sakiya, phakisa o theohe, hobane eka kgona ke hlole tlung ya hao kajeno.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha Jesu a etla moo, a lelala hodimo, a mmona, mme a re ho yena: Sakea, phakisa o theohe; hobane e ka kgona ke fapohele tlung ya hao kajeno. Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala, a mmona, a re ho yena: Sakea, ako phakise, o theohe; gobane lehono ke swanetše go dula ntlong ya gago. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala, a mmona, a re ho yena: Sakea, ako phakise, o theohe; gobane lehono ke swanetše go dula ntlong ya gago. |
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
“ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”
Ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakiya, eo e neng e le hlooho ya balekgetho, e bile e le morui.
A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.
Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?” Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”
Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.