Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: ‘Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.’
Luka 19:16 - BIBELE “Ha tla wa pele, a re: ‘Morena, mina ya hao e tswetse dimina tse leshome.’ Sesotho 1909/1961 (SO) Ha fihla wa pele, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. Baasraak Sotho NT Jwale wa pele a tla, a re: ’Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale wa pele a tla, a re: ’Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome. |
Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: ‘Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.’
“Eitse ha a kgutla, e se e le kgosi, a laela hore bahlanka bane bao a ba neileng tjhelete ba bitsetswe ho yena, hore a tle a tsebe hore na ba fumane phaello e kae ka ho hweba.
“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.