Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.”
Luka 17:8 - BIBELE Na a ke ke a mpa a re ho yena: ‘Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?’ Sesotho 1909/1961 (SO) Na haholo a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, o ntshebeletse, ke tle ke be ke je, ke nwe; kamora tseo, wena o tla ja, o nwe? Baasraak Sotho NT Mme a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, mme o ntshebeletse, ke be ke je, ke nwe; mme kamora moo o tla ja, wa nwa? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, mme o ntshebeletse, ke be ke je, ke nwe; mme kamora moo o tla ja, wa nwa? |
Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.”
Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja.
Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.
“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’