A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla?
Luka 17:7 - BIBELE “E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’ Sesotho 1909/1961 (SO) Ke mang ho lona, ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya disang dikgomo, a ka reng ho yena, ha a sa tswa oroha naheng: Tloo kapele, o dule dijong? Baasraak Sotho NT Empa ke ofe ho lona ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya alosang, ya tla re hang ha a etswa masimong a re ho yena: ’Eya o dule, o je? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke ofe ho lona ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya alosang, ya tla re hang ha a etswa masimong a re ho yena: ’Eya o dule, o je? |
A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla?
Empa Morena a mo araba, a re: “Baikaketsi ting, na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla pholo ya hae kapa tonki sejelong ka Sabatha, a e ise ho ya nwa na?
A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?”
“Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho:
Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.
Na a ke ke a mpa a re ho yena: ‘Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?’