Luka 17:6 - BIBELE Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela. Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa. Baasraak Sotho NT Morena a re: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa sikane: Fotholwa, o itlhome lewatleng; ’me e lokela ho u mamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena a re: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa sikane: Fotholwa, o itlhome lewatleng; ’me e lokela ho u mamela. |
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.
Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,
O jwaloka tlhaku ya mosetareta, e leng e nyenyane ho feta ditlhaku tsohle ha e jalwa mobung.
O tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka a e jala serapeng sa hae, ya hola, ya eba sefate, mme dinonyana tse fofang tsa hahela makaleng a sona.”
“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’
A mathela pele, a hlwella sefateng sa feiye e hlaha, hore a tle a mmone, kaha a ne a tla feta ka tsela eo.
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.